NA REJISTARA YA TSHIRELETSO YA BANA KE ENG?
Rejistara ya Tshireletso ya Bana e kenya manane a bana ba sa sireletsehang, ba ka tlasa dilemo tse 18 boholo, ba hlokang ho sireletswa. Rejistara e bolokwa ke mosebeletsi wa setjhaba Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba sebakeng se itseng. Tlhahisoleseding e ka hara Rejistara ke ya sephiri ka hohlehohle mme e ka nehwa bao ba bopang karolo ya sehlopha sa Tshireletso ya Bana (mohlala: titjhere / mooki / ngaka / mosebeletsi wa setjhaba / mohlokomedi / lepolesa / makgistrata, jj).
Ho boloka lenane la bana ba sa sireletsehang ba hlokang ditshebeletso tsa mosebeletsi wa setjhaba.
Ho amahanya ngwana le ba lelapa la hae ka potlako ka ho ya ka moo ho ka kgonehang le mosebeletsi wa setjhaba (moabi wa tshebeletso).
Ho lebela nyewe ka nngwe bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho ba le ditshebeletso tsa boleng tse fuwang ngwana le ba lelapa.
KE MANG YA KA TLALEHANG, LE TENG NENG/LE HO KAE?
Ka ho ya ka Molao wa Tlhokomelo ya Bana (wa No. ya 74 wa 1983) batho bana ba latelang ba diprofeshenale ba tlameha ho tlaleha pelaelo efe kapa efe ya tlhekefetso kapa ho tshwarwa ha ngwana ka tsela e sa lokang.
Ngaka ya meno, ngaka, mooki, mosebeletsi wa setjhaba, titjhere, le motho ofe kapa ofe ya hirilweng kapa ya tsamaisang Lehae la Bana kapa Sebaka kapa Bodulo ba Tlhokomelo ya Bana.
NENG
Hang ho ba ho belaelwe hore ho bile le tlhekefetso ha ho hlahlojwa, ho sebetsanwa kapa ho thuswa ngwana, hoo ho lokelwa ho tlalehwa ho mosebeletsi wa setjhaba wa haufi le moo ngwana a dulang teng.
HO KAE
Ofising ya mosebeletsi wa setjhaba e haufinyane le moo ngwana a dulang teng.
Setho sefe kapa sefe sa setjhaba / moahi wa naha ya tshwenyehileng a ka hlwaya ntho e bohehang e le tlhekefetso ya ngwana kapa tshwaro e sa lokang mme a ka e tlaleha ho mosebeletsi wa setjhaba. Boitsebiso ba bona bo tla bolokwa e le sephiri. O lokela ho tseba hona ho latelang:
Ho bolela dintlha tse mabapi le Ngwana.
Ho bolela dintlha tse mabapi le batswadi ba tlhaho \ bahlokomedi.
Aterese ya moo ngwana a dulang ha jwale, mme ha a le hole le batswadi, aterese ya batswadi.
Matsatsi le mefuta ya diketsahalo.
Mabaka a felletseng a etsang hore ho be le pelaelo.
Nalane efe kapa efe ya diketsahalo tsa nakong e fetileng.
Dintlha dife kapa dife tsa bao o ka iteanyang le bona ba ka tiisetsang menyenyetsi eo ya tlhekefetso.
Dintlha tsa moo ho ka iteangwang le wena ho tsona tse faeleng ke tsa bohlokwa haholo ha ho ka etseha hore mosebeletsi wa setjhaba a batle ho latela taba e itseng ho wena.
Tlhekefetso mmeleng: E ka ba matetetso, mabadi, ho robeha masapo, ho tjha, ho longwa, jj.
Tlhekefetso ka thobalano: Tshebediso e mpe ya ngwana ka tsa thobalano.
Tlhekefetso moyeng: Hona ho ka nka mofuta wa ho hloleha ho fihlela ditlhoko tsa ngwana bakeng sa lerato, kelo hloko, tshusumetso kapa ho nna o rohakana le ngwana, ho se amohele ngwana, tshabiso ka dikgoka kapa maiteko a ho tshosa ngwana.
Ho se tsotellwe: Ho tswela pele ka ho hloleha ho sireletsa ngwana hore a se be kotsing efe kapa efe, serameng, tlaleng, ho se phethe dintho tsa bohlokwa tse mabapi le tlhokomelo, jj.
NA HO ETSAHALA ENG HA HO SE HO FAETSWE TLALEHO?
Mosebeletsi wa setjhaba o tla etela ngwana le lelapa ho ya bona hore na ngwana o hloka tlhokomelo le tshireletso.
Nyeweng tseo ho tsona motho eo ho thweng ke yena mohlekefetsi, mme a dula lapeng le le leng le ngwana, yena a ka kotjwa hore a tswe moo. Haebe hona ha ho kgonahale, ngwana a ka ya ho ya dula le moahisani, motswalle, wa leloko kapa sebakeng sa polokeho bakeng sa nakwana.
HA HO TLALEHWA NYEWE, NA BANA KA MEHLA BA TLOSWA LELAPENG?
Tjhe, ke feela ha bophelo ba ngwana bo le kotsing. Motheo wa ho boloka ngwana ka hara lelapa la hae ka ho ya ka moo ho ka kgonehang ke ntho ya bohlokwa haholo. Ha ho etswa diqeto le teng dintho tse molemo bakeng sa ngwana le tsona di lokelwa ho elwa hloko haholo. Ba malapa mmoho le bana ke karolo ya tshebetso efe kapa efe e etsang diqeto boemong ba bona.
NA DITOKELO TSA BATSWADI DI ANGWA KE REJISTARA ENA YA TSHIRELETSO YA BANA?
Tjhe, ngodiso ka boyona ha e ame boikarabelo ba semolao boo batswadi kapa mohlokomedi/bahlokomedi ba nang le bona ho ngwana. Tsona di ameha feela ha ho nkuwe mohato wa semolao (mohlala: ho nkuwa ha ngwana).
DINOMORO TSA THELEFOUNU:
Mohala wa Tshohanyetso wa Mapolesa: 10111
Ntshetsopele ya Setjhaba: 0800 60 10 11
E phatlaladitswe ke ba:
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba
Mokotla wa Poraefete X910
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona:
